16. ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo. Ha le etsa jwalo, ke tla ithorisa ka lona mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste, hobane e tla ba ha ke a mathela lelea, ha ke a sebeletsa ntataselala.
17. Le haeba madi a ka a ka tshollelwa ho ba sehlabelo ho Modimo, se kopanang le nyehelo le tshebeletso ya tumelo ya lona, hoo ho tla nthabisa, mme ke tla thaba le lona bohle.
18. Ka lona lebaka leo, le lona thabang, mme le thabe mmoho le nna.
19. Ka thuso ya Morena Jesu ke tshepile ho le romela Timothea haufinyane, le nna ke tle ke kgothale ha ke utlwa tsa bophelo ba lona.
20. Ke yena feela mona ya nang le maikutlo a kang a ka, ya le thahasellang.
21. Bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tseo e leng tsa Kreste Jesu.
22. Timothea o pakwa ke mesebetsi ya hae. Le tseba hore o nthusitse ho phatlalatsa molaetsa o molemo, jwalokaha mora a thusa ntatae.
23. Ka baka leo, ke yena eo ke hopotseng ho mo roma, hanghang ha ke bone boemo ba ditaba tsa ka.
24. Ka thuso ya Morena ke na le tshepo e tiileng ya hore le nna ke tla tla ho lona haufinyane.
25. Hape ke fumana ho lokela hore ke rome ngwanabo rona Epafaroditose, eo re thusaneng le yena mosebetsing le ntweng, eo le neng le mo laele ho tla ntshebeletsa ha ke ne ke hloka thuso.
26. O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula.