Bafilipi 1:25-30 BIBELE (SSO89SO)

25. Jwale ke kgodisehile, mme ke a tseba hore ke tla nne ke phele, ke dule le lona bohle, le tle le fumane katleho le thabo tumelong.

26. Ha ke se ke boetse ho lona hape, le tla tseba ho ithorisa haholo ka nna ho Kreste Jesu.

27. Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.

28. Le se ke la tshoswa ke bahanyetsi le ka mohla. Ho bao hona e tla ba pontsho ya hore ba tla timela, mme lona le pholohe, ebile e le ka thato ya Modimo.

29. Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.

30. Le lwana ntwa e tshwanang le eo le boneng ke e lwana, eo le utlwang hore le jwale ke sa e lwana.

Bafilipi 1