Baefese 6:12-24 BIBELE (SSO89SO)

12. Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.

13. Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.

14. Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,

15. mafolofolo a ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso, e be meqathatso ya lona.

16. Haholoholo tshwarang thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima malakabe a metsu yohle e tukang ya E Mobe.

17. Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.

18. Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.

19. Le nna le nthapelle hore ke newe ho bolela molaetsa o molemo, ke phatlalatse sephiri sa wona ka sebete.

20. Leha ke le ditlamong, ke ntse ke le leqosa la wona. Nthapelleng hore ke tle ke bue ka molaetsa ona ka sebete, jwalokaha ke tlamehile.

21. Jwale, hore le tle le tsebe tsa ka, tseo ke di etsang, Tikikose ngwaneso ya ratehang, mosebeletsi ya tshepahalang wa Morena o tla le bolella tsona.

22. Ke mo rometse hona hoo ho lona, hore le tle le tsebe tsa rona, mme a kgothatse dipelo tsa lona.

23. Kgotso, le lerato, le tumelo, tse tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste, di ke di be le bana babo rona bohle.

24. Mohau o ke o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng.

Baefese 6