1. Lona bana, mamelang batswadi ba lona ka baka la Morena, hobane hona ke tshwanelo ya lona.
2. “Hlompha ntatao le mmao.” Ona ke molao wa pele o nang le tshepiso e reng:
3. “O tla atleha, mme o phele halelele lefatsheng.”
4. Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.
5. Lona makgoba, mamelang beng ba lona ba lefatshe ka tshabo, le ka thothomelo, le ka botshepehi, jwaloka hoja le sebeletsa Kreste.
6. Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, empa jwaloka makgoba a Kreste a etsang thato ya Modimo ka pelo yohle.
7. Le ba sebeletse ka moya o motle, jwaloka hoja le sebeletsa Morena, e seng batho.
8. Tsebang hore motho ka mong o tla fumana moputso ho Morena, ka baka la tsohle tse lokileng tseo a di etsang, le haeba motho eo e le lekgoba kapa molokolohi.