9. Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.
10. Kgethang tse kgahlisang Morena.
11. Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.
12. Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong,
13. empa tsohle di totobatswa ke lesedi.
14. Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng:“Tsoha, wena morabadi,tsoha bafung,mme Kreste o tla o bonesetsa.”
15. Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale,
16. le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.
17. Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.
18. Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang.
19. Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.