20. Empa lona ha le a ka la ithuta Kreste ka tsela e jwalo,
21. haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu.
22. Tlohelang metsamao ya lona ya pele, le fedise botho ba lona ba kgale, bo senyehileng ka baka la ditakatso tse thetsang.
23. Le lokela ho ntjhafala dikelellong le moyeng,
24. mme le apare botho bo botjha, bo bopilweng ka ho tshwana le Modimo ka ho loka le ka kgalalelo ya nnete.
25. Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.
26. Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.
27. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.
28. Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.
29. Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.
30. Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.
31. Fedisang boswele bohle, le bohale, le kgalefo, le lerata, le bonyefodi, le bobe bohle.
32. Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.