Baefese 4:10-22 BIBELE (SSO89SO)

10. Ya ileng a theohela tlase, ke yena ya nyolohetseng hodimodimo ho mahodimo wohle, hore tsohle di tlale boyena.

11. Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,

12. hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale.

13. Ka mokgwa ona bohle re tla fihlela bonngwe ba tumelo le ba ho tseba Mora wa Modimo; re tle re be batho ba phethehileng ha re lekanngwa le boleng bo tletseng ba Kreste.

14. Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.

15. Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.

16. Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato.

17. Ka lebitso la Morena ke le bolella sena, mme ke a se tiisa, ke re: Le se hlole le phela jwaloka bahedene, ba tsamaiswang ke maikutlo a bona a lefeela.

18. Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.

19. Kahobane ba shwele moya, ba ineeletse bokgopo, tsohle tse ditshila ba di tswetse pelo.

20. Empa lona ha le a ka la ithuta Kreste ka tsela e jwalo,

21. haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu.

22. Tlohelang metsamao ya lona ya pele, le fedise botho ba lona ba kgale, bo senyehileng ka baka la ditakatso tse thetsang.

Baefese 4