1. Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona:
2. ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.
3. Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso.
4. Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng.
5. Morena o mong, tumelo e nngwe, kolobetso e nngwe.
6. Modimo eo e leng Ntata rona bohle o mong, o okametse bohle, o sebetsa ka bohle, o kahara bohle.
7. Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ho ya kamoo Kreste a mo lekanyeditseng mpho ya hae kateng.
8. Ke ka baka leo ho thweng:“O ile a nyolohela hodimo,a thopile batshwaruwa;a nea batho dineo.”
9. Jwale ho re “o ile a nyolohela” ke ho reng, haese ho bolela hore o ile a qala ka ho theohela tlasetlase lefatsheng?
10. Ya ileng a theohela tlase, ke yena ya nyolohetseng hodimodimo ho mahodimo wohle, hore tsohle di tlale boyena.
11. Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,
12. hore ba lokisetse badumedi tshebeletso ya Modimo, mmele wa Kreste o tle o matlafale.