Baefese 4:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona:

2. ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.

3. Le thahaselle ho boloka bonngwe ba Moya ka ho tlamahana ka kgotso.

4. Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng.

5. Morena o mong, tumelo e nngwe, kolobetso e nngwe.

6. Modimo eo e leng Ntata rona bohle o mong, o okametse bohle, o sebetsa ka bohle, o kahara bohle.

7. Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ho ya kamoo Kreste a mo lekanyeditseng mpho ya hae kateng.

8. Ke ka baka leo ho thweng:“O ile a nyolohela hodimo,a thopile batshwaruwa;a nea batho dineo.”

9. Jwale ho re “o ile a nyolohela” ke ho reng, haese ho bolela hore o ile a qala ka ho theohela tlasetlase lefatsheng?

10. Ya ileng a theohela tlase, ke yena ya nyolohetseng hodimodimo ho mahodimo wohle, hore tsohle di tlale boyena.

Baefese 4