Baefese 3:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo.

2. Ke a tshepa, le utlwile kamoo Modimo a nneileng tshebetso ya mohau eo ke e etsetsang lona kateng,

3. le kamoo, ka ho senolelwa, ke tsebisitsweng sephiri sa hae kateng, jwalokaha ke se ke ngotse hakgutshwanyane.

4. Ka ho bala seo ke se ngotseng, le tla elellwa kutlwisiso eo ke nang le yona ya sephiri sa Kreste.

5. Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang.

6. Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.

7. Ke entswe mosebeletsi wa molaetsa oo, ka mpho ya mohau eo Modimo a mphileng yona, ka ho sebedisa matla a hae.

8. Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste,

9. le ho bontsha batho bohle kamoo Modimo a phethahatsang morero wa hae wa sephiri kateng. Haesale Modimo, Mmopi wa tsohle, a patile sephiri seo sa hae,

10. e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona.

Baefese 3