Baefese 2:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. Modimo o re tsositse le Kreste, a re bea mmoho le yena mahodimong.

7. Hona o ho entse hore mehleng e tlang a tle a bonahatse mohau wa hae o moholo ka ho fetisisa, ka mosa oo a re etseditseng wona ho Kreste Jesu,

8. hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;

9. hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.

10. Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.

11. Hopolang hore pele le ne le le baditjhaba ka tswalo, lona ba bitswang maqai ke Bajuda, bona ba ipitsang ba bolotseng, ka baka la lebollo le entsweng nameng ke batho.

12. Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane wa setjhaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo dilekaneng le ditshepisong, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng lena.

13. Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.

Baefese 2