18. Ke ka yena, rona bohle, Bajuda le baditjhaba, re nang le tokelo ya ho atamela ho Ntate ka Moya o le mong.
19. Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo.
20. Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.
21. Ke ho yena mohaho wohle o kopantsweng hammoho, mme o holang, o fetohang tempele e halalelang ya Morena.
22. Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya.