Baefese 2:16-22 BIBELE (SSO89SO)

16. E ne e le hore a tle a ba boelanye le Modimo, ba babedi a ba etse mmele o le mong ka sefapano, a fedise bora ka sona.

17. O tlile ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ho lona ba leng hole, le ho ba leng haufi.

18. Ke ka yena, rona bohle, Bajuda le baditjhaba, re nang le tokelo ya ho atamela ho Ntate ka Moya o le mong.

19. Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo.

20. Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.

21. Ke ho yena mohaho wohle o kopantsweng hammoho, mme o holang, o fetohang tempele e halalelang ya Morena.

22. Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya.

Baefese 2