1. Le ne le shwele ka baka la ditshito le dibe tsa lona,
2. tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng.
3. Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle.
4. Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona,
5. o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng.
6. Modimo o re tsositse le Kreste, a re bea mmoho le yena mahodimong.
7. Hona o ho entse hore mehleng e tlang a tle a bonahatse mohau wa hae o moholo ka ho fetisisa, ka mosa oo a re etseditseng wona ho Kreste Jesu,
8. hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;