Baefese 1:5-14 BIBELE (SSO89SO)

5. A rera e sa le pele hore, ka Jesu Kreste, re be bana ba hae, ho ya ka ho rata ha hae le ka ho kgahlwa ha hae,

6. e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.

7. Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.

8. Modimo o re atiseditse mohau oo haholo, ka ho re fa bohlale le kutlwisiso yohle.

9. O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele.

10. Morero oo Modimo a tla o phatlalatsa, ha nako e beilweng e fihlile, ke wa ho kopanya tsohle tse mahodimong le lefatsheng tlasa Kreste.

11. Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,

12. e le hore ka rona, bao re bileng ba pele ho tshepa Kreste, ho tle ho bonahatswe tlotla ya Modimo.

13. Ke ka Kreste le lona le utlwileng lentswe la nnete, molaetsa o molemo o le pholosang. Ke yena eo le bileng la dumela ho yena, la ba la tshwauwa ka letshwao la Moya o Halalelang, oo le neng le o tshepisitswe.

14. Moya oo re o filwe e le ho tiisa hore re tla ja lefa, mme ke tshepiso ya ho lopollwa ha bao e leng leruo la Modimo, ho tle ho bonahatswe tlotla ya hae.

Baefese 1