Baefese 1:21-23 BIBELE (SSO89SO)

21. hore a tle a be kahodimo ho puso yohle, bookamedi bohle, matla wohle, le borena bohle ba meya e busang: kahodimo ho mang kapa mang, mehleng ena kapa mehleng e tlang.

22. Modimo o bile o beile tsohle katlasa maoto a hae, mme ka ho mmea hodima tsohle, o mo entse hlooho ya kereke,

23. eo e leng mmele wa hae, o phediswang ke yena ka ho tlala, yena ya phediswang ke Modimo ka ho tlala.

Baefese 1