Baefese 1:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ke dumedisa badumedi ba leng Efese, ba tshepahalang ho Kreste Jesu, ke re:

2. Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona, le ya Morena Jesu Kreste, di ke di be le lona.

3. Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.

4. Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.

5. A rera e sa le pele hore, ka Jesu Kreste, re be bana ba hae, ho ya ka ho rata ha hae le ka ho kgahlwa ha hae,

6. e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.

7. Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.

8. Modimo o re atiseditse mohau oo haholo, ka ho re fa bohlale le kutlwisiso yohle.

9. O re tsebisitse sephiri sa thato ya hae, e leng morero o mo kgahlileng e sa le pele.

10. Morero oo Modimo a tla o phatlalatsa, ha nako e beilweng e fihlile, ke wa ho kopanya tsohle tse mahodimong le lefatsheng tlasa Kreste.

11. Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,

12. e le hore ka rona, bao re bileng ba pele ho tshepa Kreste, ho tle ho bonahatswe tlotla ya Modimo.

13. Ke ka Kreste le lona le utlwileng lentswe la nnete, molaetsa o molemo o le pholosang. Ke yena eo le bileng la dumela ho yena, la ba la tshwauwa ka letshwao la Moya o Halalelang, oo le neng le o tshepisitswe.

14. Moya oo re o filwe e le ho tiisa hore re tla ja lefa, mme ke tshepiso ya ho lopollwa ha bao e leng leruo la Modimo, ho tle ho bonahatswe tlotla ya hae.

Baefese 1