Baahlodi 9:50-57 BIBELE (SSO89SO)

50. Jwale Abimeleke a futuhela Tebese, a e etsetsa thibella, a e hapa.

51. Empa ho ne ho ena le tora e hahilweng ka thata kahara motse. Batho bohle ba motse, banna bohle le basadi bohle, ba tshabela ka toreng eo. Ba ikwalla ka ho yona, ba ba ba hlwella le marulelong a yona.

52. Abimeleke a fihla toreng eo, a e patela. A atamela monyakong wa tora, hore a tle a e tjhese ka mollo.

53. Mosadi e mong a bata Abimeleke ka tshilwana hodima hlooho, a mo pshatla lehata.

54. Kapelepele Abimeleke a bitsa mohlankana ya jereng dihlomo tsa hae, a re ho yena: “Tsomula sabole ya hao, o mpolaye, esere ba nna ba bua ka nna, ba re: <O bolailwe ke mosadi.> ” Mohlankana eo a mo phehletsa ka sabole, yaba o a shwa.

55. Ha banna ba Baiseraele ba bona hore Abimeleke o shwele, ba tsamaya, monna ka mong a ikela lapeng ha hae.

56. Ka mokgwa o jwalo Morena a phetetsa bokgopo ba Abimeleke, boo a ileng a bo etsetsa ntatae, ka ho bolaya bana babo ba mashome a supileng.

57. Modimo a otla banna ba Shekeme ka baka la bokgopo bohle ba bona. Thohako ya Jotame, mora wa Jerubaale, ya ba wela hodimo.

Baahlodi 9