Baahlodi 9:36-48 BIBELE (SSO89SO)

36. Eitse ha Gaale a bona batho bao a re ho Sebule: “Bona, batho ke bao ba theoha kahodima thaba!”Yaba Sebule o re ho yena: “O bona meriti ya dithaba, e kang ke batho.”

37. Gaale a boela a bua hape, a re: “Bona, batho ke bano ba theoha letsatseng la thaba. Sehlopha se seng se theoha ka tsela e fetang sefateng sa eike sa dinohe.”

38. Jwale Sebule a re ho yena: “Bo kae jwale boithoriso ba hao, wena ya itseng: <Le re Abimeleke ke mang, hoo re ka mo sebeletsang?> Na batho baa hase bona bao o neng o ba nyedisa? Ako tswe jwale, o yo ba lwantsha.”

39. Gaale a tswa a eteletse banna ba Shekeme pele, a lwantsha Abimeleke.

40. Gaale a baleha, Abimeleke a mo phaladisa. Ditopo tsa banna ba Gaale tsa etsa mofela ho ya fihla kgorong ya motse.

41. Abimeleke a aha Aruma, Sebule yena a leleka Gaale le bana babo hore ba se ke ba aha Shekeme.

42. Ka la hosasane batho ba tswa ho ya naheng, mme Abimeleke a tsebiswa taba ena.

43. Yaba Abimeleke o nka banna ba hae, o ba arola dihlopha tse tharo, o ilo lalla naheng. Yare ha a tadima, a bona banna ba etswa motseng; a ba lwantsha, a ba bolaya.

44. Bo-Abimeleke le sehlopha sa hae ba kgorohela pele, ba fihla ba ema kgorong ya motse. Dihlopha tse pedi tsona tsa kgorohela bohle ba neng ba le naheng, tsa ba bolaya.

45. Abimeleke a qeta letsatsi leo lohle a patetse motse, a ba a o hapa, a bolaya batho ba ka ho wona. A heletsa motse oo, a nyanyatsa lesupi ka letswai.

46. Ha banna bohle ba tora ya Shekeme ba utlwela hona, ba kena ka qhobosheaneng ya tempele ya Ele-Berite.

47. Abimeleke e tsebiswa hore banna bohle ba tora ya Shekeme ba phuthehetse moo,

48. mme a nyolohela thabeng ya Salemone, yena le batho bohle bao a neng a ena le bona. Abimeleke a nka selepe ka letsoho la hae, a rema lekala la sefate, a le nka, a le jara lehetleng, a re ho batho ba neng ba ena le yena: “Nketsiseng, le etse ka potlako seo le bonang ke se etsa.”

Baahlodi 9