29. Haeba setjhaba see se buswa ke nna! Ke ne ke tla leleka Abimeleke! Ke ne ke tla re ho Abimeleke: <Eketsa bahlabani ba hao, o tle, re lwane.> ”
30. Yare ha Sebule, mmusi wa motse, a utlwa mantswe a Gaale, mora wa Ebede, bohale ba hae ba tlokoma.
31. A roma maqosa ho Abimeleke a le Aruma, a re: “Bona, Gaale, mora wa Ebede, le bana babo ba tlile Shekeme, mme ba hlohleletsa batho ba motse hore ba o fetohele.
32. Ka baka leo, wena le batho ba ka ho wena, le tsohe bosiu, le ba lalle ka naheng.
33. Hosasane o tsohe ka madungwadungwana, ere hanghang ha letsatsi le tjhaba, o futuhele motse. Etlare ha Gaale le batho ba ka ho yena ba o kgahlanyetsa, wena o ba etse kamoo o ka etsang kateng.”
34. Abimeleke le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsoha e sa le bosiu, ba lalla motse wa Shekeme ba le dihlopha di nne.
35. Gaale, mora wa Ebede, a tswa, a ema kgorong ya motse. Abimeleke le banna ba neng ba ena le yena ba ropoha moo ba neng ba laletse teng.
36. Eitse ha Gaale a bona batho bao a re ho Sebule: “Bona, batho ke bao ba theoha kahodima thaba!”Yaba Sebule o re ho yena: “O bona meriti ya dithaba, e kang ke batho.”
37. Gaale a boela a bua hape, a re: “Bona, batho ke bano ba theoha letsatseng la thaba. Sehlopha se seng se theoha ka tsela e fetang sefateng sa eike sa dinohe.”
38. Jwale Sebule a re ho yena: “Bo kae jwale boithoriso ba hao, wena ya itseng: <Le re Abimeleke ke mang, hoo re ka mo sebeletsang?> Na batho baa hase bona bao o neng o ba nyedisa? Ako tswe jwale, o yo ba lwantsha.”
39. Gaale a tswa a eteletse banna ba Shekeme pele, a lwantsha Abimeleke.
40. Gaale a baleha, Abimeleke a mo phaladisa. Ditopo tsa banna ba Gaale tsa etsa mofela ho ya fihla kgorong ya motse.
41. Abimeleke a aha Aruma, Sebule yena a leleka Gaale le bana babo hore ba se ke ba aha Shekeme.
42. Ka la hosasane batho ba tswa ho ya naheng, mme Abimeleke a tsebiswa taba ena.