23. Modimo a romela moya o mobe pakeng tsa Abimeleke le banna ba Shekeme. Banna bao ba Shekeme ba fetohela Abimeleke,
24. e le hore polao e ileng ya etswa ho bara ba mashome a supileng ba Jerubaale, le madi a bona a tsholotsweng, tsena di tle di botswe Abimeleke, ngwanabo bona, ya ba bolaileng; di botswe le banna ba Shekeme ba ileng ba mo thusa ho bolaya bana babo.
25. Banna ba Shekeme ba lalla Abimeleke hodima dithaba. Ba kweta bohle ba neng ba feta ka tsela eo. Yaba Abimeleke o a tsebiswa.
26. Gaale, mora wa Ebede, a tla a ena le bana babo, ba fallela Shekeme. Banna ba Shekeme ba mo tshepa.
27. Ba ya masimong, ba kotula morara wa bona. Ba ritela veine, ba etsa mokete. Ba kena ka tempeleng ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.
28. Yaba Gaale, mora wa Ebede, o re: “Le re Abimeleke ke mang? Rona ba Shekeme re mo sebeletsa ka baka lefe? Na hase yena mora wa Jerubaale, le molaodi wa hae Sebule, ba neng ba sebeletsa banna ba Hamore, ntata Shekeme? Jwale rona re mo sebeletsa ka baka lefe?
29. Haeba setjhaba see se buswa ke nna! Ke ne ke tla leleka Abimeleke! Ke ne ke tla re ho Abimeleke: <Eketsa bahlabani ba hao, o tle, re lwane.> ”
30. Yare ha Sebule, mmusi wa motse, a utlwa mantswe a Gaale, mora wa Ebede, bohale ba hae ba tlokoma.
31. A roma maqosa ho Abimeleke a le Aruma, a re: “Bona, Gaale, mora wa Ebede, le bana babo ba tlile Shekeme, mme ba hlohleletsa batho ba motse hore ba o fetohele.
32. Ka baka leo, wena le batho ba ka ho wena, le tsohe bosiu, le ba lalle ka naheng.
33. Hosasane o tsohe ka madungwadungwana, ere hanghang ha letsatsi le tjhaba, o futuhele motse. Etlare ha Gaale le batho ba ka ho yena ba o kgahlanyetsa, wena o ba etse kamoo o ka etsang kateng.”