20. Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.β
21. Jotame a matha, a baleha, a ya Beere. A aha teng ka baka la ho tshaba Abimeleke, ngwanabo.
22. Ha Abimeleke a qetile dilemo tse tharo e le kgosana ya Baiseraele,
23. Modimo a romela moya o mobe pakeng tsa Abimeleke le banna ba Shekeme. Banna bao ba Shekeme ba fetohela Abimeleke,
24. e le hore polao e ileng ya etswa ho bara ba mashome a supileng ba Jerubaale, le madi a bona a tsholotsweng, tsena di tle di botswe Abimeleke, ngwanabo bona, ya ba bolaileng; di botswe le banna ba Shekeme ba ileng ba mo thusa ho bolaya bana babo.
25. Banna ba Shekeme ba lalla Abimeleke hodima dithaba. Ba kweta bohle ba neng ba feta ka tsela eo. Yaba Abimeleke o a tsebiswa.
26. Gaale, mora wa Ebede, a tla a ena le bana babo, ba fallela Shekeme. Banna ba Shekeme ba mo tshepa.
27. Ba ya masimong, ba kotula morara wa bona. Ba ritela veine, ba etsa mokete. Ba kena ka tempeleng ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.
28. Yaba Gaale, mora wa Ebede, o re: βLe re Abimeleke ke mang? Rona ba Shekeme re mo sebeletsa ka baka lefe? Na hase yena mora wa Jerubaale, le molaodi wa hae Sebule, ba neng ba sebeletsa banna ba Hamore, ntata Shekeme? Jwale rona re mo sebeletsa ka baka lefe?
29. Haeba setjhaba see se buswa ke nna! Ke ne ke tla leleka Abimeleke! Ke ne ke tla re ho Abimeleke: <Eketsa bahlabani ba hao, o tle, re lwane.> β