Baahlodi 9:18-37 BIBELE (SSO89SO)

18. Empa kajeno lona le tsohetse lelapa la ntate matla. Le bolaetse bara ba hae, e leng banna ba mashome a supileng, hodima lejwe le le leng, mme Abimeleke, mora wa lekgabunyane la hae, le mo entse kgosi ya banna ba Shekeme, hobane ke ngwanabo lona.

19. Haeba kajeno le sebeleditse Jerubaale le ba lelapa la hae ka nnete le ka nepo, thabelang Abimeleke, mme le yena a ke a le thabele.

20. Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.”

21. Jotame a matha, a baleha, a ya Beere. A aha teng ka baka la ho tshaba Abimeleke, ngwanabo.

22. Ha Abimeleke a qetile dilemo tse tharo e le kgosana ya Baiseraele,

23. Modimo a romela moya o mobe pakeng tsa Abimeleke le banna ba Shekeme. Banna bao ba Shekeme ba fetohela Abimeleke,

24. e le hore polao e ileng ya etswa ho bara ba mashome a supileng ba Jerubaale, le madi a bona a tsholotsweng, tsena di tle di botswe Abimeleke, ngwanabo bona, ya ba bolaileng; di botswe le banna ba Shekeme ba ileng ba mo thusa ho bolaya bana babo.

25. Banna ba Shekeme ba lalla Abimeleke hodima dithaba. Ba kweta bohle ba neng ba feta ka tsela eo. Yaba Abimeleke o a tsebiswa.

26. Gaale, mora wa Ebede, a tla a ena le bana babo, ba fallela Shekeme. Banna ba Shekeme ba mo tshepa.

27. Ba ya masimong, ba kotula morara wa bona. Ba ritela veine, ba etsa mokete. Ba kena ka tempeleng ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.

28. Yaba Gaale, mora wa Ebede, o re: “Le re Abimeleke ke mang? Rona ba Shekeme re mo sebeletsa ka baka lefe? Na hase yena mora wa Jerubaale, le molaodi wa hae Sebule, ba neng ba sebeletsa banna ba Hamore, ntata Shekeme? Jwale rona re mo sebeletsa ka baka lefe?

29. Haeba setjhaba see se buswa ke nna! Ke ne ke tla leleka Abimeleke! Ke ne ke tla re ho Abimeleke: <Eketsa bahlabani ba hao, o tle, re lwane.> ”

30. Yare ha Sebule, mmusi wa motse, a utlwa mantswe a Gaale, mora wa Ebede, bohale ba hae ba tlokoma.

31. A roma maqosa ho Abimeleke a le Aruma, a re: “Bona, Gaale, mora wa Ebede, le bana babo ba tlile Shekeme, mme ba hlohleletsa batho ba motse hore ba o fetohele.

32. Ka baka leo, wena le batho ba ka ho wena, le tsohe bosiu, le ba lalle ka naheng.

33. Hosasane o tsohe ka madungwadungwana, ere hanghang ha letsatsi le tjhaba, o futuhele motse. Etlare ha Gaale le batho ba ka ho yena ba o kgahlanyetsa, wena o ba etse kamoo o ka etsang kateng.”

34. Abimeleke le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsoha e sa le bosiu, ba lalla motse wa Shekeme ba le dihlopha di nne.

35. Gaale, mora wa Ebede, a tswa, a ema kgorong ya motse. Abimeleke le banna ba neng ba ena le yena ba ropoha moo ba neng ba laletse teng.

36. Eitse ha Gaale a bona batho bao a re ho Sebule: “Bona, batho ke bao ba theoha kahodima thaba!”Yaba Sebule o re ho yena: “O bona meriti ya dithaba, e kang ke batho.”

37. Gaale a boela a bua hape, a re: “Bona, batho ke bano ba theoha letsatseng la thaba. Sehlopha se seng se theoha ka tsela e fetang sefateng sa eike sa dinohe.”

Baahlodi 9