Baahlodi 8:4-13 BIBELE (SSO89SO)

4. Yaba Gideone le bahlabani ba makgolo a mararo ba neng ba ena le yena ba tshela noka ya Jorodane, ba kgathetse, empa ba ntse ba phaladisa Bamidiane.

5. A re ho banna ba Sukote: “A le ke le fe bahlabani bana ba tsamayang le nna bohobe, hobane ba kgathetse; nna ke sa ntse ke phaladisa Seba le Salemuna, dikgosi tsa Bamidiane.”

6. Empa mahosana a Sukote a re: “Na o se o tshwere Seba le Salemuna, hoo re ka fang bahlabani ba hao bohobe?”

7. Yaba Gideone o re: “Ho lokile he, ha Morena a se a neelane ka Seba le Salemuna matsohong a ka, lona ke tla le shapa ka meutlwa le ka leoka la lehwatata.”

8. Yaba o nyolohela Penuele, mme le ho ba Penuele a bua jwalokaha a ile a bua ho ba Sukote. Banna ba Penuele le bona ba mo araba jwalokaha banna ba Sukote ba ile ba mo araba.

9. Gideone a re ho banna ba Penuele: “Ha ke kgutlela ho lona ke ntse ke phela, ke tla heletsa tora ena.”

10. Bo-Seba le Salemuna ba ne ba le Karakore, ba ena le mabotho a bona, ao e neng e ka ba banna ba dikete tse leshome le metso e mehlano. E ne e le bona feela ba neng ba ile ba sala lebothong la ditjhaba tsa botjhabela. Bahlabani ba neng ba ile ba bolawa e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi.

11. Gideone a nyoloha ka tsela e sebediswang ke ba phelang ditenteng, ka botjhabela ho Noba le Jogeboha, a tsometsa lebotho leo, a le bolaya.

12. Bo-Seba le Salemuna ba baleha, empa Gideone a ba phaladisa. A tshwara dikgosi tseo tse pedi tsa Bamidiane, e leng Seba le Salemuna, mme lebotho lohle la phasaphasa.

13. Jwale Gideone, mora wa Jowashe, a kgutla ntweng ka tsela ya Lekgalo la Herese.

Baahlodi 8