28. Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.
29. Jerubaale, e leng Gideone, mora wa Jowashe, a boela ha hae, a dula teng.
30. Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata.
31. Mosadi wa hae wa lefielo, ya neng a phela Shekeme, le yena a mo tswalla mora, mme a mo rea lebitso la Abimeleke.
32. Gideone, mora wa Jowashe, a shwa a se a tsofetse haholo, mme a epelwa lebitleng la ntatae Jowashe, sebakeng sa Ofera ya Baabiesere.
33. Yare hanghang hoba Gideone a shwe, bana ba Iseraele ba kwenehela Morena hape, ba sebeletsa bo-Baale, ba iketsetsa Baale-Berite hore e be modimo wa bona.
34. Bana ba Iseraele ba se ke ba hlola ba sa hopola Morena Modimo wa bona, ya neng a ile a ba namolela matsohong a dira tsohle tsa bona, tse neng di ba potapotile.
35. Lelapa la Jerubaale, e leng Gideone, ba se ke ba hlola ba le bontsha teboho ya letho, bakeng sa molemo wohle oo Gideone a ileng a o etsetsa Baiseraele.