Baahlodi 8:20-29 BIBELE (SSO89SO)

20. A re ho Jetere, letsibolo la hae: “Ema, o ba bolaye!” Empa mohlanka a se ke a tsomula sabole ya hae, hobane o ne a tshaba, kaha a ne a sa le monyenyane.

21. Jwale bo-Seba le Salemuna ba re ho Gideone: “A ho eme wena ka sebele, o re bolaye, hobane wena o na le matla a bonna.” Gideone a ema, a bolaya bo-Seba le Salemuna; a nka mekgabiso e neng e le melaleng ya dikamele tsa bona.

22. Jwale banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, wena le mora wa hao, le setloholo sa hao, hobane o re namoletse matsohong a Bamidiane.”

23. Yaba Gideone o re ho bona: “Nke ke ka le busa, le yena mora wa ka a ke ke a le busa; Morena ke yena ya tla le busa.”

24. Gideone a boela a re ho bona: “Ke etsa kopo ho lona ya ho re e mong le e mong wa lona a ke a nnee masale ao a a hapileng.” Dira tsa bona di ne di ena le masale a entsweng ka kgauta, hobane e ne e le Baishemaele.

25. Ba araba, ba re: “Re tla o nea wona re sa kganane.” Ba ala kobo fatshe, monna e mong le e mong a akgela masale ao a a hapileng hodima yona.

26. Boima ba masale ao Gideone a neng a ile a a kopa ya eba dikilo tse ka bang mashome a mabedi, ntle ho dikgaretsana, le mekgabiso, le diaparo tse entsweng ka lesela le perese, tse neng di aparwa ke dikgosi tsa Midiane; le kantle ho diketane tse neng di le melaleng ya dikamele tsa bona.

27. Ka tsena yaba Gideone o etsa setipe seo a ileng a se bea kahara motse wa hae wa Ofera. Baiseraele bohle ba kwenehela Morena ba kgumamela setipe seo, mme sa fetoha leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae.

28. Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.

29. Jerubaale, e leng Gideone, mora wa Jowashe, a boela ha hae, a dula teng.

Baahlodi 8