Baahlodi 8:11-20 BIBELE (SSO89SO)

11. Gideone a nyoloha ka tsela e sebediswang ke ba phelang ditenteng, ka botjhabela ho Noba le Jogeboha, a tsometsa lebotho leo, a le bolaya.

12. Bo-Seba le Salemuna ba baleha, empa Gideone a ba phaladisa. A tshwara dikgosi tseo tse pedi tsa Bamidiane, e leng Seba le Salemuna, mme lebotho lohle la phasaphasa.

13. Jwale Gideone, mora wa Jowashe, a kgutla ntweng ka tsela ya Lekgalo la Herese.

14. A tshwara mohlankana wa Sukote, a mmotsa dipotso. Mohlanka eo a ngolla Gideone mabitso a mahosana le a baholo ba Sukote, mme ya eba banna ba mashome a supileng a metso e supileng.

15. Gideone a fihla ho banna ba Sukote, a re ho bona: “Bonang bo-Seba le Salemuna, bao le ileng la nnyedisa ka bona, la re: <Na bo-Seba le Salemuna o se o ba tshwere, hoo re ka fang banna ba hao, ba kgathetseng, bohobe?> ”

16. Gideone a nka baholo ba motse, a nka le meutlwa le leoka la lehwatata, mme ka tsena a shapa banna ba Sukote.

17. A heletsa tora ya Penuele, a bolaya banna ba motse oo wa Penuele.

18. Jwale Gideone a re ho Seba le ho Salemuna: “Banna bao le ba bolaetseng Tabore ba hokae?”Ba araba, ba re: “Ba ne ba tshwana le wena, e mong le e mong wa bona eka ngwana wa kgosi.”

19. A re ho bona: “Bao e ne e le bana beso, ba tswetsweng ke mme. Ke hlapanya ka Morena ya phelang, hore hoja la se ke la ba bolaya, le nna ke ne nke ke ka le bolaya.”

20. A re ho Jetere, letsibolo la hae: “Ema, o ba bolaye!” Empa mohlanka a se ke a tsomula sabole ya hae, hobane o ne a tshaba, kaha a ne a sa le monyenyane.

Baahlodi 8