Baahlodi 8:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Banna ba morabe wa Efraime ba re ho Gideone: “Ke eng ee, eo o re entseng yona, ha o sa ka wa re mema ha o futuhela Bamidiane?” Yaba ba mo nyatsa haholo ka taba ena.

2. Gideone a re ho bona: “Seo ke se entseng hase letho ha se bapiswa le seo lona le se entseng. Na se senyenyane, seo ba morabe wa Efraime ba se entseng, ha se seholo ho feta seo ba morabe wa Abiesere ba se entseng?

3. Modimo o neelane ka mahosana a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe, matsohong a lona. Nna ke entse eng e ka bapiswang le seo le se entseng?” Hoba a bue tjena, kgalefo ya bona ya kokobela.

4. Yaba Gideone le bahlabani ba makgolo a mararo ba neng ba ena le yena ba tshela noka ya Jorodane, ba kgathetse, empa ba ntse ba phaladisa Bamidiane.

5. A re ho banna ba Sukote: “A le ke le fe bahlabani bana ba tsamayang le nna bohobe, hobane ba kgathetse; nna ke sa ntse ke phaladisa Seba le Salemuna, dikgosi tsa Bamidiane.”

6. Empa mahosana a Sukote a re: “Na o se o tshwere Seba le Salemuna, hoo re ka fang bahlabani ba hao bohobe?”

7. Yaba Gideone o re: “Ho lokile he, ha Morena a se a neelane ka Seba le Salemuna matsohong a ka, lona ke tla le shapa ka meutlwa le ka leoka la lehwatata.”

8. Yaba o nyolohela Penuele, mme le ho ba Penuele a bua jwalokaha a ile a bua ho ba Sukote. Banna ba Penuele le bona ba mo araba jwalokaha banna ba Sukote ba ile ba mo araba.

9. Gideone a re ho banna ba Penuele: “Ha ke kgutlela ho lona ke ntse ke phela, ke tla heletsa tora ena.”

Baahlodi 8