Baahlodi 7:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Ha Gideone a se a utlwile tsa toro le tlhaloso ya yona, a kgumama, a nto kgutlela diahelong tsa Baiseraele. A fihla, a re: “Tsohang, hobane Morena o neelane ka lebotho la Bamidiane matsohong a lona.”

16. Gideone a arola bahlabani ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo. A nea monna e mong le e mong lenaka, le mopotjwana o se nang letho, haese serumola feela kahara wona.

17. Yaba Gideone o re ho bona: “Ntadimeng, mme le nketsise. Bonang mona, e tle ere ha ke fihla kathokothoko ho diahelo, le nketsise.

18. Ha nna le bohle bao ke nang le bona re letsa manaka, le lona le tle le letse manaka ka mahlakoreng wohle a diahelo, mme le re: <Ka Morena le ka Gideone!> ”

19. Ka mokgwa o jwalo Gideone le banna ba nang le yena ba fihla thekong e kathokothoko ya diahelo hara mpa ya bosiu, ha ho kena balebedi ba bosiu. Ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana e matsohong a bona.

20. Banna ba dihlopheng tsena tse tharo ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana, ba nka dirumola ka matsoho a matshehadi, ka a matona ba nka manaka ao ba tla a letsa, ba howa, ba re: “Ka sabole ya Morena le ya Gideone!”

21. Monna e mong le e mong a ema thekong ya hae ho potapota diahelo. Mabotho wohle a ba direng a ne a matha, a howeletsa, a ntse a baleha.

22. Ha Baiseraele ba letsa manaka a makgolo a mararo, Morena a etsa hore Bamidiane ba hlabane ka disabole, hara lebotho lohle la bona. Lebotho leo la baleha, la ya fihla Bete-Shita, nqa Serera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, pela Tabate.

23. Baiseraele ba morabe wa Nafthali, le ba morabe wa Ashere, le ba morabe wohle wa Manase, ba hlabelwa mokgosi, mme ba phaladisa Bamidiane.

24. Yaba Gideone o romela maqosa naheng yohle ya Efraime e maralla, o re: “Theohang, le futuhele Bamidiane. Le ba thibele madiboho a Jorodane, ho ya fihla Bete-Bara.” Banna bohle ba morabe wa Efraime ba phutheha, mme ba thiba madiboho a Jorodane, ho ya fihla Bete-Bara.

25. Ba tshwara mahosana a mabedi a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe. Ba bolaela Orebe lefikeng le Orebe, Seba yena ba mmolaela setlhotlelong sa Seba. Ba phaladisa Bamidiane, mme hlooho ya Orebe le hlooho ya Seba ba di isa ho Gideone a le mose ho Jorodane.

Baahlodi 7