Baahlodi 7:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Jerubaale, e leng Gideone, le setjhaba sohle sa hae, ba tsoha e sa le hoseng, ba hloma pela sediba sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane di ne le ka leboya ho bona, ka kgohlong, pela leralla la More.

2. Morena a re ho Gideone: “Batho bao o nang le bona ba bangata haholo, hoo nke keng ka neelana ka Bamidiane matsohong a bona, esere Baiseraele ba ikgohomosetsa nna, ba re: <Ke rona ba ipholositseng.>

3. Ka baka leo, bolella setjhaba sohle, o re: <Mang kapa mang ya tshabang, ya thothomelang, a hle a kgutle, a tlohe thabeng ya Gileade e sa le hoseng.> ” Setjhaba se ileng sa kgutla ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme ha sala dikete tse leshome feela.

4. Yaba Morena o re ho Gideone: “Setjhaba se sa le sengata. Se theolele metsing, mme ke tla o kgethela sona hona moo. Eo ke tla re ho wena: <Enwa o tla ya le wena,> o tla ya le wena, mme ofe kapa ofe eo ke tla re ho wena: <Enwa a ke ke a ya le wena,> eo a ke ke a ya.”

5. Gideone a theolela setjhaba metsing, mme Morena a re ho yena: “Mang kapa mang ya qaphang metsi ka leleme la hae, jwaloka ntja ha e qapha metsi, eo o tla mo emisa ka lehlakoreng le leng. Ka mokgwa o jwalo, mang kapa mang ya kgumamang ka mangwele ha a enwa, le yena o mo emise ka lehlakoreng lesele.”

6. Palo ya a ileng ba qapha metsi a le diatleng tsa bona ya eba makgolo a mararo, empa ba bang bohle bona ba kgumama ka mangwele, ba nwa metsi.

7. Yaba Morena o re ho Gideone: “Ke tla le namolela ka banna ba makgolo a mararo, ba ileng ba qapha metsi, ke neelane ka Bamidiane matsohong a hao. Ere batho ba bang bohle ba tsamaye, e mong le e mong a ikele ha hae.”

8. Ba nka dijo tsa setjhaba, le manaka a bona. E mong le e mong wa banna bohle ba Baiseraele a romelwa tenteng ya hae, empa banna ba makgolo a mararo bona ba sala. Diahelo tsa Bamidiane di ne di le tlasa bona, ka kgohlong.

Baahlodi 7