4. Ba ne ba ye ba hlome malebana le Baiseraele, ba senye dijalo masimong ho ya fihla Gasa, ba se ke ba ba siela leha e le nku kapa kgomo kapa tonki.
5. Bamidiane ba ne ba ye ba nyolohe le mehlape ya bona, le ditente tsa bona, ba tle jwaloka boiyane ba ditsie. Palo ya bona le ya dikamele tsa bona e ne e ke ke ya balwa, mme ba fihle naheng eo ba e falatse.
6. Baiseraele ba futsaneha ka baka la Bamidiane. Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena.
7. Yare ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, ka baka la Bamidiane,
8. Morena a romela moporofeta ho bana ba Iseraele. Moporofeta eo a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke le nyolotse Egepeta; ke le ntshitse moo le neng le le makgoba teng.
9. Ke le namoletse matsohong a Baegepeta, le matsohong a bohle ba neng ba le hateletse. Ke ba lelekile kapele ho lona, mme ka le nea naha ya bona.>
10. Ka re ho lona: <Ke nna Morena Modimo wa lona; le se ke la tshaba medimo ya Baamore bao le ahileng naheng ya bona.> Empa ha le a ka la mmamela.”
11. Lengeloi la Morena la fihla, mme la dula katlasa sefate sa eike se Ofera, seo e neng e le sa Jowashe, wa Moabiesere. Gideone, mora wa Jowashe, o ne a ntse a polela koro setlhotlelong sa veine, hore a e patele Bamidiane.
12. Lengeloi la Morena la itlhahisa ho Gideone, la re ho yena: “Morena o na le wena, wena mohlabani wa senatla.”
13. Gideone a re ho lona: “Monghadi wa ka, haeba Morena a ena le rona, ke ka baka lang ha re hlahetswe ke ntho ee? E kae mehlolo yohle ya hae, eo bo-ntata rona ba re boleletseng yona, ba re: <Na Morena ha a a re nyolla Egepeta?> Empa jwale o re lahlile, o neelane ka rona matsohong a Bamidiane.”
14. Morena a retelehela ho yena, a re: “Eya ka matla ana a hao, o namolele bana ba Iseraele matsohong a Bamidiane. Na ha ke a o roma?”
15. Gideone a re ho Morena: “Oho, Morena ka, ke tla namolela Baiseraele ka eng? Bona, lelapa leso ke lona le fokolang haholo morabeng wa Manase, mme nna ke wa ho fejana lapeng leso.”
16. Morena a re ho yena: “Ruri ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane jwalokaha eka ke motho a le mong.”
17. Yaba Gideone o re ho yena: “Haeba o nkgauhetse, ako nketsetse pontsho ya hore efela ke wena ya buang le nna.