31. Jowashe a re ho bohle ba neng ba eme pela hae: “Na le rata ho buella Baale? Kapa le rata ho mo sireletsa? Mang kapa mang ya mmuellang o tla bolawa bo eso ka bo esa. Haeba Baale e le Modimo ha a ke a ipuelle, hobane motho e mong o heleditse aletare ya hae.”
32. Ke ka baka leo Gideone a ileng a rewa lebitso la Jerubaale ka lona letsatsi leo, e leng ho re: “Baale a ke a ipuelle,” hobane Gideone o heleditse aletare ya hae.
33. Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.
34. Moya wa Morena wa aparela Gideone, a letsa lenaka, mme Baabiesere ba bokellana, ba mo latela.
35. Gideone a romela maqosa ho ba morabe wa Manase, le bona ba bokellana, ba mo latela. A romela maqosa ho ba morabe wa Ashere, le ho wa Sebulone, le ho wa Nafthali, mme ba nyoloha, ba mo kgahlanyetsa.
36. Gideone a re ho Modimo: “Haeba o ka fela wa namolela Baiseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o buile,
37. ke tla bea boya ba nku seotlong. Haeba phoka e ka tsoha e letse hodima boya feela, empa kathoko ho bona ho omme, ke tla tseba hore o tla fela o namolele Baiseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o buile.”
38. Ha fela ha eba jwalo, hobane eitse ha Gideone a tsoha e sa le hoseng, mme a tlhotla boya, ha tswa phoka e tlalang lefiswana.
39. Yaba Gideone o re ho Modimo: “Kgalefo ya hao e se ke ya ntlokomela, mme ke tla bua hanngwe feela. Ako ntumelle ke leke hanngwe hape ka boya bona ba nku. Ho ke ho omelle boya ba nku feela, hohle fatshe phoka e lale.”
40. Modimo a etsa jwalo hona bosiung boo. Ha tsoha ho omme boya ba nku feela, empa hohle fatshe ho letse phoka.