23. Morena a re ho yena: “Kgotso e be le wena. O se ke wa tshaba, o ke ke wa shwa.”
24. Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.
25. Hona bosiung boo, Morena a re ho Gideone: “Nka pohwana ya ntatao, e leng pohwana e dilemo tse supileng; o heletse aletare ya Baale, eo ntatao a e hahileng. O senye le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona.
26. Jwale o hahele Morena Modimo wa hao aletare, hodima qhobosheane ena, mme o e hahe ka makgethe. Ebe o nka pohwana ya bobedi, o bese mollo ka patsi ya difate tsa ditshwantsho tsa Ashera, tseo o tla di ratha.”
27. Gideone a nka banna ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Morena a mo laetseng kateng. Ka baka la ho tshaba ba lelapa labo, le banna ba motse, Gideone a phetha taelo ya Morena e le bosiu.
28. Ha banna ba motse ba tsoha e sa le hoseng, ba bona aletare ya Baale e heleditswe, le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona, di sentswe, le pohwana ya bobedi e entswe nyehelo hodima aletare e hahilweng.
29. Banna bao ba buisana, ba re: “Ke mang ya entseng ntho ee?”Ba batlisisa, ba botsisisa, ba re: “Ntho ena e entswe ke Gideone, mora wa Jowashe.”
30. Banna ba motse ba re ho Jowashe: “Ntsha mora wa hao a tlo bolawa, hobane o heleditse aletare ya Baale, hape o sentse le ditshwantsho tsa Ashera.”
31. Jowashe a re ho bohle ba neng ba eme pela hae: “Na le rata ho buella Baale? Kapa le rata ho mo sireletsa? Mang kapa mang ya mmuellang o tla bolawa bo eso ka bo esa. Haeba Baale e le Modimo ha a ke a ipuelle, hobane motho e mong o heleditse aletare ya hae.”
32. Ke ka baka leo Gideone a ileng a rewa lebitso la Jerubaale ka lona letsatsi leo, e leng ho re: “Baale a ke a ipuelle,” hobane Gideone o heleditse aletare ya hae.
33. Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.