20. Lengeloi la Morena la re ho yena: “Nka nama le dikuku tse sa lomoswang, o di bee hodima lefika lena, o tshele moro hodima tsona.” Gideone a etsa jwalo.
21. Lengeloi la Morena la ama nama le dikuku tse sa lomoswang ka ntlha ya molamu wa lona, mme mollo wa tlola hodima lefika, wa tjhesa nama le dikuku tse sa lomoswang. Yaba lengeloi la Morena le nyamela a ntsa le shebile.
22. Ha Gideone a lemoha hore e ne e le lengeloi la Morena, a re: “Oho, Morena Modimo, ke bone lengeloi la hao fahleho di tadimane!”
23. Morena a re ho yena: “Kgotso e be le wena. O se ke wa tshaba, o ke ke wa shwa.”
24. Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.
25. Hona bosiung boo, Morena a re ho Gideone: “Nka pohwana ya ntatao, e leng pohwana e dilemo tse supileng; o heletse aletare ya Baale, eo ntatao a e hahileng. O senye le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona.
26. Jwale o hahele Morena Modimo wa hao aletare, hodima qhobosheane ena, mme o e hahe ka makgethe. Ebe o nka pohwana ya bobedi, o bese mollo ka patsi ya difate tsa ditshwantsho tsa Ashera, tseo o tla di ratha.”
27. Gideone a nka banna ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Morena a mo laetseng kateng. Ka baka la ho tshaba ba lelapa labo, le banna ba motse, Gideone a phetha taelo ya Morena e le bosiu.
28. Ha banna ba motse ba tsoha e sa le hoseng, ba bona aletare ya Baale e heleditswe, le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona, di sentswe, le pohwana ya bobedi e entswe nyehelo hodima aletare e hahilweng.