13. Gideone a re ho lona: “Monghadi wa ka, haeba Morena a ena le rona, ke ka baka lang ha re hlahetswe ke ntho ee? E kae mehlolo yohle ya hae, eo bo-ntata rona ba re boleletseng yona, ba re: <Na Morena ha a a re nyolla Egepeta?> Empa jwale o re lahlile, o neelane ka rona matsohong a Bamidiane.”
14. Morena a retelehela ho yena, a re: “Eya ka matla ana a hao, o namolele bana ba Iseraele matsohong a Bamidiane. Na ha ke a o roma?”
15. Gideone a re ho Morena: “Oho, Morena ka, ke tla namolela Baiseraele ka eng? Bona, lelapa leso ke lona le fokolang haholo morabeng wa Manase, mme nna ke wa ho fejana lapeng leso.”
16. Morena a re ho yena: “Ruri ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane jwalokaha eka ke motho a le mong.”
17. Yaba Gideone o re ho yena: “Haeba o nkgauhetse, ako nketsetse pontsho ya hore efela ke wena ya buang le nna.
18. Se ke wa tloha mona, ke a o rapela, ho fihlela ke ba ke kgutlela mona ho wena, ke o tlisetsa nyehelo ya ka, ke e bea kapele ho wena.”Morena a re: “Ke tla ema mona ho fihlela o ba o kgutla.”
19. Yaba Gideone o kena ka tlung ya hae, o hlaba potsanyane, o a e pheha, mme ka phofo e thumisehileng, e ka bang boima ba dikilo tse leshome, a etsa dikuku tse sa lomoswang. A nka nama, a e kenya ka serotong, a tshela moro ka pitseng, a di tlisetsa Morena a le katlasa sefate sa eike, a mo nea tsona.
20. Lengeloi la Morena la re ho yena: “Nka nama le dikuku tse sa lomoswang, o di bee hodima lefika lena, o tshele moro hodima tsona.” Gideone a etsa jwalo.
21. Lengeloi la Morena la ama nama le dikuku tse sa lomoswang ka ntlha ya molamu wa lona, mme mollo wa tlola hodima lefika, wa tjhesa nama le dikuku tse sa lomoswang. Yaba lengeloi la Morena le nyamela a ntsa le shebile.
22. Ha Gideone a lemoha hore e ne e le lengeloi la Morena, a re: “Oho, Morena Modimo, ke bone lengeloi la hao fahleho di tadimane!”
23. Morena a re ho yena: “Kgotso e be le wena. O se ke wa tshaba, o ke ke wa shwa.”
24. Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.
25. Hona bosiung boo, Morena a re ho Gideone: “Nka pohwana ya ntatao, e leng pohwana e dilemo tse supileng; o heletse aletare ya Baale, eo ntatao a e hahileng. O senye le ditshwantsho tsa Ashera, tse pela yona.
26. Jwale o hahele Morena Modimo wa hao aletare, hodima qhobosheane ena, mme o e hahe ka makgethe. Ebe o nka pohwana ya bobedi, o bese mollo ka patsi ya difate tsa ditshwantsho tsa Ashera, tseo o tla di ratha.”
27. Gideone a nka banna ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Morena a mo laetseng kateng. Ka baka la ho tshaba ba lelapa labo, le banna ba motse, Gideone a phetha taelo ya Morena e le bosiu.