Baahlodi 5:19-30 BIBELE (SSO89SO)

19. “Dikgosi tsa fihla tsa lwana,dikgosi tsa Kananatsa lwana di le Taanake,di le Taanake pela metsi a Megido,empa ha di a ka tsa hapa silefera.

20. Dinaledi tsa lwana di le hodimo,tsa lwantsha Siseradi le tseleng ya tsona.

21. Molapo wa Kishone wa ba hohola,molapo wa boholoholo,molapo wa Kishone;ba hatakele ka matla,wena moya wa ka!

22. Tlhako tsa dipere tsa tilaka fatshe,tsa tilaka fatshe ha natla di baleha.

23. “ <Rohaka Merose,>ho rialo ngeloi la Morena,<O rohake,o rohake le baahi ba yona,hobane ha ba a ka ba thusa Morena,ha ba a ka ba thusa Morenadireng tsa hae.>

24. “Ho lehlohonolo Jaele hara basadi,yena mosadi wa Hebere wa Mokene,o lehlohonolo hara basadi bohleba phelang ditenteng.

25. Sisera a kopa metsi,Jaele a mo nea lebese,a mo tlisetsa lebejanaka mohope wa mahosana.

26. Ka tsoho le letshehadia nka thakgisa ya tente,ka tsoho le letonaa nka noto,a ngaba Sisera ka yona,a pshatla hata la hae,a kgokgothella thakgisatlhafunelong ya hae.

27. Sisera a wela fatshe maotong a hae,a wela fatshe, a tjapalla,a wela maotong a hae, a tjapalla,a shwela moo a wetseng teng.

28. “Mma Siseraa hlaha ka fesetere a qamaka,a howa a le kamora lesira, a re:<Kariki ya hae ya ntwae diehile hakaakang?Diqi tsa dipere tsa haeha di utlwahale keng?>

29. Tse bohlalehlaletsa kgosatsana tsa haedi a mo araba,e, le yena o bile o a ikaraba:

30. <Ba hapile, ba arolelana tsa kgapo,mohlabani ka mongo abelwa morwetsana,kapa o abelwa barwetsanaba le babedi;Sisera o abelwa seaparo se mebala,seaparo se mebala, se homilweng;aparo tse pedi, tse homilweng,tsa molaleng, ke tsa ka!>

Baahlodi 5