Baahlodi 4:10-16 BIBELE (SSO89SO)

10. Barake a bitsetsa banna ba Sebulone le ba Nafthali Kedeshe, mme a nyolohela teng a ena le banna ba dikete tse leshome. Debora a nyoloha le yena.

11. Jwale Hebere wa Mokene o ne a ikarohantse ho Bakene, e leng ditloholo tsa Hobabe, mohwe wa Moshe, a hlomme tente ya hae tlasa sefate sa eike se Saananime, e pela Kedeshe.

12. Ba tsebisa Sisera hore Barake, mora wa Abinoame, o nyolohetse thabeng ya Tabore.

13. Sisera a bokella dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, e le dikariki tse makgolo a robong tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe; le mabotho wohle ao a neng a ena le wona, ho tloha Haroshete ya Baditjhaba ho ya fihla molatswaneng wa Kishone.

14. Debora a re ho Barake: “Tsamaya! Lena ke letsatsi leo ka lona Morena a neelanang ka Sisera matsohong a hao. Ha ke re Morena o se a o eteletse pele?” Barake a theoha thabeng ya Tabore, a ena le banna ba dikete tse leshome.

15. Morena a qhalanya Sisera le dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, le lebotho la hae lohle ka sabole, kapele ho Barake. Sisera a theoha kariking ya hae ya ntwa, a hlanola tlhabela.

16. Barake a phaladisa dikariki le lebotho ho ya fihla Haroshete ya Baditjhaba, moo lebotho lohle la Sisera le ileng la bolaelwa teng ka sabole, ha se ke ha sala le ya mong.

Baahlodi 4