16. Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona.
17. Yaba o nea Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo eo. Egelone e ne e le pesolahadi ya monna.
18. Ha Ehude a se a neelane ka nyehelo, a re ho batho ba neng ba nkile nyehelo eo, ba tsamaye.
19. Empa yena a kgutla ha a le pela medimo e betlilweng ka majwe, e pela Gilegale; a fihla, a re: “Motlotlehi kgosi, ke o tliseditse thomo ya lekunutu.”Kgosi ya re: “Kgutsang!” Bohle ba neng ba eme pela kgosi ba tswela kantle.
20. Ehude a tla ho kgosi, e dutse kamoreng e maphodi, e kahodimo, eo e neng e le ya yona e inotshi. Ehude a re: “Ke na le molaetsa wa hao, o tswang ho Modimo.” Egelone a phahama setulong.
21. Ehude a ntsha letsoho la leqele, a hula sabole e qholong ya letsoho la hae le letona, a mo phehlela ka yona mpeng.
22. Mofeng wa kena le sabole, yaba mafura a kwahela sabole, hobane ha a a ka a hula sabole ka mpeng, ya phunyeletsa, ya ya hlaha kamorao.
23. Jwale Ehude a tswela lethuleng, a kwalla kgosi ka kamoreng e kahodimo, a ba a notlela mamati.
24. Ha a se a tswile, bahlanka ba kgosi ba tla. Ba bona hore mamati a kamore e kahodimo a notletswe, mme ba re: “O sa ntsane a ithoma ka ntlwaneng ya kamore e maphodi.”
25. Ba lebella ho fihlela ba be ba belaela. Ha ba bona a sa bule mamati a kamore e kahodimo, ba nka senotlolo ba notlolla. Ba bona kgosi ya bona e tjapaletse fatshe, e shwele.
26. Ka nako eo ba neng ba ntse ba lebeletse, Ehude yena a ipha dimenyane, a ba a fetela ka nqane ho medimo e betlilweng ka majwe, a tshabela Seira.
27. Ha a fihla naheng e maralla ya Efraime a letsa lenaka. Bana ba Iseraele ba tloha naheng e maralla, ba theoha, yena a ba eteletse pele.
28. Yaba o re ho bona: “Ntateleng, hobane Morena o neelane ka dira tsa lona, e leng Bamoabe, matsohong a lona.” Ba theoha ba mo latetse, ba hapa madiboho a Jorodane ao Bamoabe ba tshelang ho wona, mme ba se ke ba dumella le ya mong ho tshela.