11. Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa.
12. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a matlafatsa Egelone, kgosi ya Moabe, hore a hlole Baiseraele, hobane ba ne ba sitetswe Morena.
13. Egelone a kopanya mabotho a hae le a Baamore le a Baamaleke, yaba o a futuha, o hlola Baiseraele, o hapa motse wa Jeriko.
14. Bana ba Iseraele ba sebeletsa Egelone, kgosi ya Moabe, ka dilemo tse leshome le metso e robedi.
15. Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.
16. Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona.
17. Yaba o nea Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo eo. Egelone e ne e le pesolahadi ya monna.
18. Ha Ehude a se a neelane ka nyehelo, a re ho batho ba neng ba nkile nyehelo eo, ba tsamaye.
19. Empa yena a kgutla ha a le pela medimo e betlilweng ka majwe, e pela Gilegale; a fihla, a re: “Motlotlehi kgosi, ke o tliseditse thomo ya lekunutu.”Kgosi ya re: “Kgutsang!” Bohle ba neng ba eme pela kgosi ba tswela kantle.
20. Ehude a tla ho kgosi, e dutse kamoreng e maphodi, e kahodimo, eo e neng e le ya yona e inotshi. Ehude a re: “Ke na le molaetsa wa hao, o tswang ho Modimo.” Egelone a phahama setulong.
21. Ehude a ntsha letsoho la leqele, a hula sabole e qholong ya letsoho la hae le letona, a mo phehlela ka yona mpeng.
22. Mofeng wa kena le sabole, yaba mafura a kwahela sabole, hobane ha a a ka a hula sabole ka mpeng, ya phunyeletsa, ya ya hlaha kamorao.
23. Jwale Ehude a tswela lethuleng, a kwalla kgosi ka kamoreng e kahodimo, a ba a notlela mamati.