Baahlodi 3:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Tsena ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di tlohela tsa sala hore a leke Baiseraele ka tsona, e leng ba bangata ba sa kang ba tseba dintwa tsohle tsa Kanana.

2. E ne e le hore meloko ya bana ba Iseraele e ithute ntwa, haholoholo meloko e neng e sa ka ya tseba ntwa.

3. Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.

4. Ba ile ba siuwa hore ho lekwe Baiseraele ka bona, ho tsejwe hore na ba tla mamela melao ya Morena, eo a e laetseng bo-ntata bona ka Moshe.

5. Bana ba Iseraele ba aha hara Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.

6. Ba nyallana le ditjhaba tseo, mme ba sebeletsa medimo ya tsona.

7. Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba lebala Morena Modimo wa bona, ba sebeletsa bo-Baale le ditshwantsho tsa Ashera.

8. Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme a neelana ka bona matsohong a Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame-Naharaime, mme bana ba Iseraele ba sebeletsa Kushane-Rashataime ka dilemo tse robedi.

9. Ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi ya ileng a ba namolela. Ke Oteniele, mora wa Kenase, moena wa Kalebe.

10. Moya wa Morena wa theohela hodima hae, ya eba moahlodi wa Baiseraele. A futuha, mme Morena a neelana ka Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame, matsohong a hae. Oteniele a hlola Kushane-Rashataime.

11. Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa.

12. Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a matlafatsa Egelone, kgosi ya Moabe, hore a hlole Baiseraele, hobane ba ne ba sitetswe Morena.

Baahlodi 3