Baahlodi 21:5-13 BIBELE (SSO89SO)

5. Bana ba Iseraele ba re: “Ke mang hara merabe ya Iseraele ya sa kang a tla phuthehong ya Morena?” Ke hobane ba ne ba entse kano e kgolo malebana le ya sa tlang phuthehong ya Morena, e neng e le Misepa, ba re: “Ruri o tla bolawa!”

6. Bana ba Iseraele ba itshwabela ka baka la bana babo bona ba morabe wa Benjamine, ba re: “Kajeno morabe o mong o fedisitswe naheng ya Iseraele.

7. Baa ba setseng re tla etsa jwang ka bona hore ba be le basadi, kaha re hlapanyeditse Morena hore re ke ke ra neana ka baradi ba rona hore ba ba nyale?”

8. Ba boela ba re: “Ke morabe ofe hara merabe ya Iseraele, o sa kang wa phuthehela Misepa ho Morena?” Ba bona hore ha ho motho le ya mong ya ileng a tla diahelong a etswa Jabeshe-Gileade, a etla phuthehong.

9. Setjhaba sa balwa, mme ba fumana ho se motho le ya mong wa baahi ba Jabeshe-Gileade.

10. Kahoo setjhaba sa romela banna ba bahale, ba dikete tse leshome le metso e mmedi, sa re: “Tsamayang le yo bolaya baahi ba Jabeshe-Gileade ka sabole; le bolaye basadi le bana.

11. Seo le tla se etsa ke sena: Monna e mong le e mong ya kileng a robala le mosadi, le mosadi e mong le e mong ya kileng a robala le monna, bao le ba bolaye ho hang.”

12. Hara baahi ba Jabeshe-Gileade ba fumana barwetsana ba makgolo a mane ba neng ba eso ka ba robala le monna; yaba ba ba isa diahelong tsa Shilo, e naheng ya Kanana.

13. Setjhaba sohle sa romela maqosa ho ba morabe wa Benjamine, ba neng ba le lefikeng la Rimone, sa bua le bona, sa ba phatlalletsa kgotso.

Baahlodi 21