23. Ba morabe wa Benjamine ba etsa jwalo, ba inkela basadi ba ba lekaneng, ho latela palo ya bona, hara barwetsana ba tlileng motjekong, ba ba shobedisa. Ba boela naheng ya habo bona, ba tsosa dithako tsa metse ya bona, ba phela kahara yona.
24. Ka yona nako eo bana ba Iseraele ba tloha moo, e mong le e mong a ya morabeng wa habo, le lelapeng la hae. Ba tloha, monna e mong le e mong a ya naheng ya habo eo a e jeleng lefa.
25. Mehleng eo ho ne ho se na kgosi naheng ya Iseraele, motho ka mong o ne a iketsetsa seo yena a reng se nepahetse.