20. Ba laela ba morabe wa Benjamine, ba re: “Tsamayang le yo lalla hara dirapa tsa morara.
21. Le lebelle, mme e tle ere ha le bona barwetsana ba Shilo ba etla motjekong, le ropohe hara dirapa tsa morara, monna e mong le e mong a ikabe ka mosadi wa hae hara barwetsana bao ba Shilo, a ikele naheng ya morabe wa Benjamine.
22. Ha bo-ntata bona, kapa dikgaitsedi tsa bona, ba ka tla ho le tsekisa, re tla re ho hona: <Ba tshwareleng, hobane e mong le e mong wa bona o ikgapetse mosadi jwalokaha banna ba ye ba etse ntweng. Haeba le ne le ba neile baradi ba lona, le ka be le le molato.> ”
23. Ba morabe wa Benjamine ba etsa jwalo, ba inkela basadi ba ba lekaneng, ho latela palo ya bona, hara barwetsana ba tlileng motjekong, ba ba shobedisa. Ba boela naheng ya habo bona, ba tsosa dithako tsa metse ya bona, ba phela kahara yona.