16. Jwale baholo ba setjhaba ba re: “Baa ba setseng re tla ba fumanela basadi kae, ha e le moo basadi ba bolailwe morabeng wa Benjamine?”
17. Yaba ba re: “Bana ba phonyohileng e be lefa la ba morabe wa Benjamine, e le hore morabe ona o se ke wa fela naheng ya Iseraele.
18. Empa re ke re ra ba nea baradi ba rona hore ba ba nyale.” Bana ba Iseraele ba ne ba ile ba hlapanya, ba re: “Ya ka nyallanang le ba morabe wa Benjamine a rohakehe!”
19. Ba boela ba re: “Bonang, ka selemo se seng le se seng ho ba le mokete wa Morena, mane Shilo e ka leboya ho Bethele, ka botjhabela ho mmila o moholo o nyolohang Bethele, o eya Shekeme, ka borwa ho Lebona.”
20. Ba laela ba morabe wa Benjamine, ba re: “Tsamayang le yo lalla hara dirapa tsa morara.
21. Le lebelle, mme e tle ere ha le bona barwetsana ba Shilo ba etla motjekong, le ropohe hara dirapa tsa morara, monna e mong le e mong a ikabe ka mosadi wa hae hara barwetsana bao ba Shilo, a ikele naheng ya morabe wa Benjamine.