Baahlodi 21:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Banna ba Iseraele ba ne ba ile ba hlapanya ha ba le Misepa, ba re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla neana ka moradi wa hae hore a nyalwe ke ba morabe wa Benjamine.”

2. Setjhaba sa fihla Bethele, sa dula teng kapele ho Modimo, ho fihlela ka phirimana. Sa bokolla habohloko,

3. sa re: “Oho, Modimo wa Iseraele, ke hobaneng ha hoo ho etsahetse naheng ya Iseraele, hore ebe kajeno morabe o mong wa Iseraele ha o yo?”

4. Ka le hlahlamang setjhaba sa tsoha e sa le ka madungwadungwana, sa haha aletare, sa nyehela ka dinyehelo tsa setjheso, le ka dinyehelo tsa teboho.

5. Bana ba Iseraele ba re: “Ke mang hara merabe ya Iseraele ya sa kang a tla phuthehong ya Morena?” Ke hobane ba ne ba entse kano e kgolo malebana le ya sa tlang phuthehong ya Morena, e neng e le Misepa, ba re: “Ruri o tla bolawa!”

6. Bana ba Iseraele ba itshwabela ka baka la bana babo bona ba morabe wa Benjamine, ba re: “Kajeno morabe o mong o fedisitswe naheng ya Iseraele.

7. Baa ba setseng re tla etsa jwang ka bona hore ba be le basadi, kaha re hlapanyeditse Morena hore re ke ke ra neana ka baradi ba rona hore ba ba nyale?”

8. Ba boela ba re: “Ke morabe ofe hara merabe ya Iseraele, o sa kang wa phuthehela Misepa ho Morena?” Ba bona hore ha ho motho le ya mong ya ileng a tla diahelong a etswa Jabeshe-Gileade, a etla phuthehong.

Baahlodi 21