Baahlodi 20:46-48 BIBELE (SSO89SO)

46. Ka letsatsi leo ba bolaya ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba hlometseng ka disabole. Banna bana bohle e ne e le bahale.

47. Yaba banna ba makgolo a tsheletseng ba ileng ba phekgoha, ba balehela nqa lehwatateng, lefikeng la Rimone, ba dula teng ka dikgwedi tse nne.

48. Baiseraele ba boela ba kgutlela ho ba morabe wa Benjamine, ba ba bolaya ka sabole, ba bolaya le bohle ba motseng, le diphoofolo, le tsohle tseo ba ileng ba di fumana. Metse yohle eo ba ileng ba fihla ho yona ba e tjhesa ka mollo.

Baahlodi 20