Baahlodi 20:34-46 BIBELE (SSO89SO)

34. Jwale bahlabani ba mokgetho wa Iseraele, ba dikete tse leshome, ba futuhela Gibea, ntwa ya eba e mahlomafubedu. Empa ba morabe wa Benjamine ba ne ba sa tsebe hore koduwa e haufi ho ba wela hodimo.

35. Morena a etsa hore Baiseraele ba hlole ba morabe wa Benjamine. Ka lona letsatsi leo Baiseraele ba bolaya banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le lekgolo. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.

36. Ba morabe wa Benjamine ba bona hore ba hlotswe. Banna ba Iseraele ba tjhetjha kapele ho ba morabe wa Benjamine, hobane ba ne ba tshepile banna ba neng ba laletse ho potapota Gibea.

37. Ba laletseng ba potlakela ho futuhela Gibea. Bao ba laletseng ba ropoha, ba bolaya bohle ba motseng oo ka sabole.

38. Ho ne ho ena le tumellano ya pontsho pakeng tsa banna ba Iseraele le ba neng ba laletse, ya hore ha mosi o foqoha motseng,

39. banna ba Iseraele ba boye sekwele.Ba morabe wa Benjamine ba bolaya banna ba Iseraele ba mashome a mararo, hobane ba ne ba re: “Ruri re ba hlotse jwaloka ntweng ya pele.”

40. Mosi wa foqoha motseng o entse leru le lopaletseng. Ha ba morabe wa Benjamine ba hetla, ba bona motseng ho foqoha mosi o lebang hodimo.

41. Jwale banna ba Iseraele ba boya sekwele, ba morabe wa Benjamine ba kgathala matla, hobane ba ile ba bona hore koduwa e ba wetse hodimo.

42. Ba morabe wa Benjamine ba baleha banna ba Baiseraele, ba nka tsela e lebang lehwatateng, empa dira tsa ba bea merebele, mme ba neng ba etswa motseng ba kena hara bona, ba ba fekefa.

43. Ba etsetsa ba morabe wa Benjamine sakanalankope ba ntse ba ba phaladisa. Ba ba etsa mofela ho ya fihla ka botjhabela ho Gibea.

44. Ha bolawa banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse leshome le metso e robedi. Banna bana bohle e ne e le bahale.

45. Ba morabe wa Benjamine ba balehela nqa lehwatateng, ho ya fihla lefikeng la Rimone. Ba dikete tse hlano Baiseraele ba ba bolaela mmileng o moholo. Ba ba bea merebele ho ya fihla Gidome, mme ho bao ba boela ba bolaya ba dikete tse pedi.

46. Ka letsatsi leo ba bolaya ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba hlometseng ka disabole. Banna bana bohle e ne e le bahale.

Baahlodi 20