31. Ba morabe wa Benjamine ba tswa ho futuhela setjhaba sa bana ba Iseraele. Ba ba hulela thokwana le motse, ba qala ho bolaya setjhaba, ba se etsa mofela, jwaloka makgetlong a pele. Ba ba bolaela mebileng e moholo e yang Bethele, le mmileng o yang Gibea, le hara masimo, e batlile e eba banna ba mashome a mararo ba Baiseraele.
32. Ba morabe wa Benjamine ba re: “Re ba hlotse jwaloka lekgetlo la pele.”Empa bana ba Israele ba re: “A re baleheng, re ba hulele thokwana le motse, ho ya mebileng e meholo.”
33. Banna bohle ba Iseraele ba phahama moo ba neng ba le teng, ba thea theko ya ntwa, ba le Baale-Tamare. Banna ba Iseraele ba neng ba laletse ba tswa moo ba neng ba le teng, ka bophirimela ho Geba.
34. Jwale bahlabani ba mokgetho wa Iseraele, ba dikete tse leshome, ba futuhela Gibea, ntwa ya eba e mahlomafubedu. Empa ba morabe wa Benjamine ba ne ba sa tsebe hore koduwa e haufi ho ba wela hodimo.
35. Morena a etsa hore Baiseraele ba hlole ba morabe wa Benjamine. Ka lona letsatsi leo Baiseraele ba bolaya banna ba morabe wa Benjamine ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mehlano le lekgolo. Banna bana bohle e ne e le ba hlometseng ka disabole.
36. Ba morabe wa Benjamine ba bona hore ba hlotswe. Banna ba Iseraele ba tjhetjha kapele ho ba morabe wa Benjamine, hobane ba ne ba tshepile banna ba neng ba laletse ho potapota Gibea.
37. Ba laletseng ba potlakela ho futuhela Gibea. Bao ba laletseng ba ropoha, ba bolaya bohle ba motseng oo ka sabole.
38. Ho ne ho ena le tumellano ya pontsho pakeng tsa banna ba Iseraele le ba neng ba laletse, ya hore ha mosi o foqoha motseng,
39. banna ba Iseraele ba boye sekwele.Ba morabe wa Benjamine ba bolaya banna ba Iseraele ba mashome a mararo, hobane ba ne ba re: “Ruri re ba hlotse jwaloka ntweng ya pele.”
40. Mosi wa foqoha motseng o entse leru le lopaletseng. Ha ba morabe wa Benjamine ba hetla, ba bona motseng ho foqoha mosi o lebang hodimo.
41. Jwale banna ba Iseraele ba boya sekwele, ba morabe wa Benjamine ba kgathala matla, hobane ba ile ba bona hore koduwa e ba wetse hodimo.
42. Ba morabe wa Benjamine ba baleha banna ba Baiseraele, ba nka tsela e lebang lehwatateng, empa dira tsa ba bea merebele, mme ba neng ba etswa motseng ba kena hara bona, ba ba fekefa.
43. Ba etsetsa ba morabe wa Benjamine sakanalankope ba ntse ba ba phaladisa. Ba ba etsa mofela ho ya fihla ka botjhabela ho Gibea.