13. Ka baka leo, re neeng banna bao ba ditshila, ba Gibea, re tle re ba bolaye, mme re fedise bokgopo bona naheng ya Iseraele.”Empa ba morabe wa Benjamine ba se ke ba natsa polelo ya bana babo bona, e leng bana ba Iseraele.
14. Ba morabe wa Benjamine ba tswa metseng ya bona, ba phuthehela Gibea, ho ya lwantsha bana ba Iseraele.
15. Ka tsatsi leo, palo ya ba morabe wa Benjamine, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng, ntle ho banna ba motse wa Gibea, ba kgethilweng.
16. Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa.
17. Ntle ho ba morabe wa Benjamine, banna ba Baiseraele, ba neng ba hlometse ka disabole, e ne e le dikete tse makgolo a mane. Banna bana bohle e ne e le bahlabani.
18. Setjhaba sa Iseraele sa nyolohela Bethele, ho fumana keletso ya Modimo, mme sa re: “Ke bafe ho rona ba tla futuhela bana ba Benjamine pele?”Morena a re: “Ho tla futuha Juda pele.”
19. Bana ba Iseraele ba tsoha e sa le hoseng, ba fihla ba hloma pela Gibea.
20. Banna ba Iseraele ba futuhela ba morabe wa Benjamine. Banna ba Iseraele ba theela ba morabe wa Benjamine theko ya ntwa Gibea.
21. Ba morabe wa Benjamine ba tswa motseng wa Gibea. Ka lona letsatsi leo ba bolaya banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tsa bana ba Iseraele.