Baahlodi 20:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.

2. Baetapele bohle ba setjhaba le ba merabe yohle ya Iseraele ba ba teng phuthehong ya setjhaba sa Modimo; e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mane, ba hlometseng ka disabole.

3. Jwale ba morabe wa Benjamine ba utlwela hore bana ba Iseraele ba nyolohetse Misepa. Bana ba Iseraele ba re: “Re bolelleng hore na bokgopo bona bo etsahetse jwang?”

4. Yaba Molevi eo e leng monna wa mosadi ya ileng a bolawa, o a araba, o re: “Ke ile ka fihla Gibea, naheng ya morabe wa Benjamine, ke ena le mosadi wa ka wa lefielo, hore re robaletse teng.

5. Banna ba Gibea ba ntsohela matla, bosiu ba etsetsa ntlo eo ke robetseng ka ho yona sakanalankope. Ba ne ba rerile ho mpolaya, empa ba beta mosadi wa ka wa lefielo, mme a shwa.

6. Ka nka setopo sa mosadi eo wa ka wa lefielo, ka se kgaola dikotwana, ka di romela naheng yohle eo Baiseraele ba e jeleng lefa, hobane Bagibea bao ba entse bohlola le manyala naheng ya Iseraele.

7. Bonang, lona bana ba Iseraele, le mona bohle; rerisanang, le eletsane hona mona.”

8. Setjhaba sohle sa ba ntsweleng, sa re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla ya lapeng la hae, mme ha ho le ya mong wa rona ya tla kgutlela ha hae.

9. Seo re tla se etsa Gibea ke sena: Ba tla e futuhela ba tla ntshwa ka lotho.

10. Merabeng yohle ya Iseraele re tla nka banna ba leshome ho ba lekgolo, ba lekgolo ho ba sekete, le ba sekete ho ba dikete tse leshome, ho ya batlela bahlabani dijo, e le hore ha ba fihla Gibea e naheng ya Benjamine, ba tle ba pheteletse manyala wohle ao banna ba Gibea ba a entseng naheng ya Iseraele.”

11. Kahoo banna bohle ba Iseraele ba futuhela motse oo ba ikentse kgokanyana phiri.

Baahlodi 20